BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 12:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Nka ithorisa ka motho eo; empa nke ke ka ithorisa ka nna, haese ka mefokolo ya ka.

6. Athe, leha nka ithorisa, e ke ke ya ba ke etsa ka bowatla, hobane seo ke se bolelang, ke nnete; empa tseo ke a di lesa, motho a tle a se ke a mpea boholo bo fetisang seo a mponang ke le sona, leha e le seo a nkutlwang ke bolelwa ka sona.

7. Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.

8. Bakeng seo, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tloswe ho nna.

9. Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese.

10. Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.

11. Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.

12. Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo.

13. Ana le kile la fetiswa ka eng ke dikereke tse ding, haese kahobane ke sa ka ka le etsetsa boima? Le nkgauhele tshitong eo.

14. Bonang, e se e le lekgetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lona, mme le jwale nke ke ka le etsetsa boima; hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona; etswe e se bana ba tshwanetseng ho bokellela bontata bona, empa e le bontata batho ba tshwanetseng ho bokellela bana ba bona.