BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 12:17-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Na ke ruile tsa lona ka ofe ho bao ke ba romileng ho lona na?

18. Ke kgothaditse Tite, ka re, a ye ho lona, mme ke romile le yena moena e mong. Na Tite o kile a rua letho ka lona na? Na ha re a ka ra tsamaya le yena ka moya o le mong, ka mehlala e le meng feela na?

19. Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.

20. Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.

21. Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.