BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 12:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tshwanetse ho ithorisa; empa ha ho nthuse letho. Leha ho le jwalo, ke tla fihlisa mehlolong le ditshenolong tsa Morena.

2. Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —

3. ke a tseba hoba motho eo — kapa e bileng ka mmele, kapa e bileng ka ho siya mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo —

4. o kile a nkelwa Paradeiseng, mme a utlwa ditaba tse se nang ho bolelwa, tseo motho a ke keng a dumellwa ho di hlahisa.