BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 11:8-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ke hlobodisitse dikereke tse ding, ka nka moputso ho tsona ke tle ke sebeletse lona.

9. Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.

10. Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea.

11. Na ke ka baka lang? Na ke ka hoba ke sa le rate? Ho tseba Modimo!

12. Empa seo ke se etsang, ke tla nne ke se etse hore, haele ba batlang sebaka, ke ba hlokise sona, hore ho seo ba ithorisang ka sona, ba fumanwe hoba ba jwaloka rona.

13. Hobane batho ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste.

14. Mme hase ho ka makatsang, etswe Satane le yena a ikgakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la lesedi.

15. Ha ho le jwalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ya bona e tla lekana le mesebetsi ya bona.

16. Ke a pheta, ke re: Motho a se ke a bolela hore ke lewatla; leha ho se jwalo, nkamoheleng, leha ke le lewatla, le nna ke tle ke ithorise hanyenyane.

17. Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla.

18. Jwale he, erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa.

19. Hobane le ye le mamelle mawatla hantle, lona ba hlalefileng.

20. Ekasita leha motho a le tuba, leha motho a le ja, leha motho a le amoha, leha motho a le phahamela, leha motho a le jabela, le ye le mamelle.

21. Ke rialo ka dihlong, ho le jwaloka hoja re se na matla le hanyenyane.Athe leha motho a ka bua a sa tshabise letho, le nna — ke bua ka bowatla — nke ke ka tshabisa letho.

22. A ke Baheberu? Le nna ke yena. A ke Baiseraele? Le nna ke yena. A ke ditloholo tsa Abrahama? Le nna ke se seng sa tsona.

23. Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;