BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 11:4-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.

5. Empa ke lekanya hoba ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo.

6. Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.

7. Kapa ke sitilwe ha ke ikokobeditse, le tle le phahamiswe, kahoba ke le boleletse Evangeli ya Modimo feela-feela na?

8. Ke hlobodisitse dikereke tse ding, ka nka moputso ho tsona ke tle ke sebeletse lona.

9. Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.

10. Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea.

11. Na ke ka baka lang? Na ke ka hoba ke sa le rate? Ho tseba Modimo!

12. Empa seo ke se etsang, ke tla nne ke se etse hore, haele ba batlang sebaka, ke ba hlokise sona, hore ho seo ba ithorisang ka sona, ba fumanwe hoba ba jwaloka rona.

13. Hobane batho ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste.

14. Mme hase ho ka makatsang, etswe Satane le yena a ikgakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la lesedi.

15. Ha ho le jwalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ya bona e tla lekana le mesebetsi ya bona.

16. Ke a pheta, ke re: Motho a se ke a bolela hore ke lewatla; leha ho se jwalo, nkamoheleng, leha ke le lewatla, le nna ke tle ke ithorise hanyenyane.

17. Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla.