BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 11:15-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ha ho le jwalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ya bona e tla lekana le mesebetsi ya bona.

16. Ke a pheta, ke re: Motho a se ke a bolela hore ke lewatla; leha ho se jwalo, nkamoheleng, leha ke le lewatla, le nna ke tle ke ithorise hanyenyane.

17. Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla.

18. Jwale he, erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa.

19. Hobane le ye le mamelle mawatla hantle, lona ba hlalefileng.

20. Ekasita leha motho a le tuba, leha motho a le ja, leha motho a le amoha, leha motho a le phahamela, leha motho a le jabela, le ye le mamelle.

21. Ke rialo ka dihlong, ho le jwaloka hoja re se na matla le hanyenyane.Athe leha motho a ka bua a sa tshabise letho, le nna — ke bua ka bowatla — nke ke ka tshabisa letho.

22. A ke Baheberu? Le nna ke yena. A ke Baiseraele? Le nna ke yena. A ke ditloholo tsa Abrahama? Le nna ke se seng sa tsona.

23. Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;

24. ke shapilwe ka phafa ke Bajuda hahlano, ditjhapo tsa eba mashome a mane, ha hlokahala e qetellang; ke shapilwe ka thupa hararo;