BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 10:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Re diha ka tsona merero le diphahamo tsohle tse phahamelang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme re hapa mehopolo yohle, e tle e utlwe Kreste.

6. Mme re itokiseditse ho kgalemela ho se utlwe hohle, mohla kutlo ya lona e phethehang.

7. Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.

8. Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;

9. ho tle ho se ke ha eba jwaloka hoja ke rata ho le tshosa ka mangolo a ka.

10. Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang.

11. Ya buang jwalo a ke a hopole hoba seo re leng sona ka dipolelo mangolong a rona, ha re le siyo, re sona le ka diketso, mohla re leng teng.

12. Empa re tshaba ho ipala le ho ipapisa le ba bang ba ikemelang; athe ha ba itekanya bona ka bona, mme ba itshwantsha bona ka bona, ha ba etse ka kelello.

13. Haele rona, re ke ke ra ithorisa ho tlodisa tekanyo, eo re e lekanyeditsweng; empa e le ka tekanyo ya sebaka seo Modimo o re aroletseng sona, kamoo o re fihlisitseng le ha heno kateng.

14. Hobane ha re ikotlolle ka ho fetisa, jwaloka hoja ha re a fihla le ha heno, athe re fihlile le ha heno ka Evangeli ya Kreste.