BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 10:13-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Haele rona, re ke ke ra ithorisa ho tlodisa tekanyo, eo re e lekanyeditsweng; empa e le ka tekanyo ya sebaka seo Modimo o re aroletseng sona, kamoo o re fihlisitseng le ha heno kateng.

14. Hobane ha re ikotlolle ka ho fetisa, jwaloka hoja ha re a fihla le ha heno, athe re fihlile le ha heno ka Evangeli ya Kreste.

15. Ha re ithorise ka se sa re lekaneng, e leng mesebetsi ya ba bang, empa re tshepile hoba tumelo ya lona, ha e ntse e hola, re tla nama haholo, kamoo re lekanyeditsweng sebaka kateng,

16. sa ho bolela ho sona Evangeli ho ditjhaba tse ka pele ho lona, re tle re se ke ra ithorisa ka sebaka se lekanyeditsweng ba bang, moo ba se lokiseditsweng.

17. Mme ya ithorisang a ke a ithorisetse Moreneng.

18. Hobane ya dumelehang hase ya ikemelang, empa e le ya emelwang ke Morena.