BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 10:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;

2. ke fela ke le rapela, ke re: Mohla ke tlang ho ba teng hara lona, ke se ke ka bona sebaka sa ho etsa ka matla, ka bothata boo ke hopolang hobane ke tla etsa ka bona ho ba bang ba re lekanyang jwaloka hoja re tsamaya ka nama.

3. Hobane leha re tsamaya re le nameng, ha re lwane ka nama;