BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 1:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste.

6. Mme leha re le mahlomoleng, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utlwiswang le rona; mme hape, ha re tshediswa, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona. Mme tshepo ya rona hodima lona e tiile,

7. ka ho tseba hore, jwalokaha le ena le kabelo bohlokong, hape, le na le yona le tshedisong.

8. Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela.

9. Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;

10. e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,

11. re ntse re thuswa ke thapelo eo le ntseng le re etsetsa yona, hore mohau oo re o batlelwang ke batho ba bangata, o lebohelwe rona ke ba bangata.

12. Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.

13. Hobane ha re le ngolle taba disele, haese tseo le di balang, tseo le di tsebang, tseo ke tshepileng hoba le ya nne le di tsebe le ho isa bofellong;

14. jwalokaha le fela le re tsebile ka nqa tse ding, hoba ke rona re leng thoriso ya lona, jwalokaha le lona le tla ba ya rona, ka letsatsi la Morena Jesu.