BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 1:16-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. ke ntoo le feta, ke ye Masedonia, mme ha ke kgutla Masedonia, ke boye le ka ha heno, e tle e be lona ba mphelehetsang ha ke fetela Judea.

17. Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na?

18. Tjhe, empa jwalokaha Modimo e le wa nnete, polelo ya rona ho lona ha e a ka ya fetoha hore e be e le tjhe.

19. Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena.

20. Hobane dipallo tsa Modimo kaofela ha tsona ke e ho yena; ka baka leo, amen le yona e teng ka yena, Modimo o tle o tlotliswe ka rona.

21. Mme ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo;

22. e leng wona hape o re tshwaileng, o re neileng ditebeletso tsa Moya dipelong tsa rona.

23. Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;

24. e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.