BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 1:12-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.

13. Hobane ha re le ngolle taba disele, haese tseo le di balang, tseo le di tsebang, tseo ke tshepileng hoba le ya nne le di tsebe le ho isa bofellong;

14. jwalokaha le fela le re tsebile ka nqa tse ding, hoba ke rona re leng thoriso ya lona, jwalokaha le lona le tla ba ya rona, ka letsatsi la Morena Jesu.

15. Mme ha ke ne ke ntse ke tshepa jwalo, ke ne ke ratile ho tla ho lona pele, le tle le newe molemo wa bobedi,

16. ke ntoo le feta, ke ye Masedonia, mme ha ke kgutla Masedonia, ke boye le ka ha heno, e tle e be lona ba mphelehetsang ha ke fetela Judea.

17. Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na?

18. Tjhe, empa jwalokaha Modimo e le wa nnete, polelo ya rona ho lona ha e a ka ya fetoha hore e be e le tjhe.

19. Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena.