BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 1:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:

2. Le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.

3. Ho bokwe Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle,

4. o re tshedisang mahlomoleng wohle a rona, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tshedisa ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.

5. Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste.

6. Mme leha re le mahlomoleng, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utlwiswang le rona; mme hape, ha re tshediswa, ke hore e be tshediso ya lona le poloko ya lona. Mme tshepo ya rona hodima lona e tiile,