BIBELE e Halalelang

1 Samuele 9:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. [Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]

10. Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: O boletse taba ya sebele; tloo, re ye. Yaba ba ya motseng moo monna wa Modimo a leng teng.

11. Ha ba ntse ba nyolohela motseng, ba kgahlana le barwetsana ba etswa teng ho ya kga metsi. Ba re ho bona: Ana senohe se teng hae na?

12. Ba ba fetola, ba re: Se teng; bona, ke sona seo, se pela hao; phakisa hle, hobane kajeno se tlile motseng, hobane kajeno ho hlabelwa setjhaba nqalong e phahameng.

13. Etlare le sa kena motseng, le tla mo fihlela a eso ho nyolohele nqalong e phahameng ho ya ja teng; hobane le setjhaba se ke ke sa eja, a eso ho fihle, etswe e le yena ya tla hlohonolofatsa sehlabelo, ho ntoo jewa ke ba memilweng. Nyolohang jwale, hobane le tla mo fihlela ka nako ena.

14. Yaba ba kena motseng, mme ha ba fihla hara motse, ba bona Samuele a tla ba kgahlanyetsa, a se a nyolohela nqalong e phahameng.

15. Jehova o ne a se a tsebisitse Samuele, tsatsing le kapele ho leo Saule a fihlileng ka lona, a re:

16. Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.

17. Samuele ha a bona Saule, Jehova a eketsa a re: O a mmona, mnna elwa ke neng ke o bolella yena; ke yena ya tla busa setjhaba sa ka.

18. Saule a atamela pela Samuele kgorong, a re: Ako ntshupise ntlo ya senohe hore na ke efe?

19. Samuele a araba Saule, a re: Ke nna senohe seo; o ke o nyolohele pela ka nqalong e phahameng; le tla ja le nna kajeno, mme hosasa ke tla o fa tsela; mme tsohle tse ka pelong ya hao ke tla o tsebisa tsona.