BIBELE e Halalelang

1 Samuele 9:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Samuele ha a bona Saule, Jehova a eketsa a re: O a mmona, mnna elwa ke neng ke o bolella yena; ke yena ya tla busa setjhaba sa ka.

18. Saule a atamela pela Samuele kgorong, a re: Ako ntshupise ntlo ya senohe hore na ke efe?

19. Samuele a araba Saule, a re: Ke nna senohe seo; o ke o nyolohele pela ka nqalong e phahameng; le tla ja le nna kajeno, mme hosasa ke tla o fa tsela; mme tsohle tse ka pelong ya hao ke tla o tsebisa tsona.

20. Diesele tse o lahlehetseng, kajeno e seng e le la boraro, o se ke wa belaela ka tsona, hobane di se di bonwe; mme tsohle tse lakatsehang tsa Iseraele di boloketswe mang? Ana ha di a bolokelwa wena le ntlo yohle ya ntatao na?

21. Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?

22. Ebile Samuele ba ya le Saule le mohlanka wa hae, a ba isa moo ho jewang, mme a ba dudisa setulong se kapele ho ba memilweng, e leng batho ba batlileng ho ba mashome a mararo.

23. Jwale, Samuele a bitsa maopehi, a re: Hlahisa sekoto seo ke o fileng sona, ka re ho wena: Se bolokele kathoko ka ho wena.

24. Moapehi a lata letsoho le se leng ho lona, a le bea pela Saule, mme Samuele a re: Bona, ke hona ho neng ho bolokilwe; ho bee pela hao, o je; hobane ho bo ho ntse ho boloketswe wena le jwale, haesale ke re, ke tla mema setjhaba. Yaba Saule ba ja le Samuele tsatsing leo.

25. Ba ntoo theoha nqalong e phahameng, ba boela hae, ba ba ba buisana le Saule, ba le hodima ntlo.

26. Ha ba tsoha e sa le ka meso, Samuele a biletsa Saule hodima ntlo, a re: Tsoha, ke o fe tsela. Saule a tsoha, mme ba tswela ntle ba ena le Samuele, e le bona ba babedi.

27. Ha ba se ba ya fihla pheletsong ya motse, Samuele a re ho Saule: Laela mohlanka, a ke a re etelle pele — mme a ba etella pele — wena, o eme motsotso, ke tle ke o utlwise lentswe la Modimo.