BIBELE e Halalelang

1 Samuele 9:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna wa Benjamine o ne a le teng, lebitso la hae e le Kishe, mora Abiele, mora Tserore, mora Bakorathe, mora Afia, mora wa Mobenjamine e mong; e ne e le monna ya matla, ya bohale.

2. O ne a na le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana e motle, ho se monna hara bana ba Iseraele ya mo fetang ka botle; o ne a feta le bohle ba setjhaba ka bolelele, a tswile ka mahetla.

3. Mohlang oo, diesele tsa Kishe, ntata Saule, tsa lahleha. Kishe a re ho Saule, mora hae: Ako ye le e mong wa bahlanka, o yo batla diesele.

4. Ebile o ya le thaba ya Efraime, a ntoo ya le naha ya Shalisha, ba mpa ba se ke ba di fumana; ba ntoo ya le naha ya Shaalime; le teng tsa eba siyo; hape ba ya le naha ya Benjamine, ba se ke ba di bona.

5. Ha ba fihla naheng ya Tsufe, Saule a re ho mohlanka wa hae eo ba nang le yena: A re kgutle, e se be ntate a lebala diesele, mme a belaela bakeng sa rona.

6. Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.

7. Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: Empa, ha o bona, leha re ka ya, monna eo re ka mo isetsang? Hobane bohobe bo neng bo le mekotleng ya rona bo fedile, mme ha re na mpho eo re ka e neang monna wa Modimo; re na le eng?

8. Teng, mohlanka a boela a arabela Saule, a re: Ho sa setse ho nna karolo ya bone ya shekele ya silefera; ke tla e nea monna wa Modimo, hore a tle a re bolelle tsela ya rona.

9. [Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]

10. Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: O boletse taba ya sebele; tloo, re ye. Yaba ba ya motseng moo monna wa Modimo a leng teng.