BIBELE e Halalelang

1 Samuele 8:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. O tla nka karolo ya leshome ya dipeo tsa lona, le ya merara ya lona, a e nee matona a hae le bahlanka ba hae.

16. O tla nka bahlanka ba lona le makgabunyane a lona, le bahlankana ba lona ba batle, le diesele tsa lona, a itshebeletse ka tsona.

17. O tla nka karolo ya leshome ya mehlape ya lona, le be bahlanka ba hae.

18. Mohlang oo, le tla lla ka baka la morena wa lona eo le ikgethetseng yena, empa Jehova a ke ke a le utlwa mohlang oo.

19. Leha ho le jwalo, setjhaba sa hana ho utlwa lentswe la Samuele, sa re: Tjhe, empa re tla ba le morena ya re busang;

20. re tle re tshwane le ditjhaba tse ding, morena wa rona a tle a re ahlolele, a re etelle pele, a laole dintwa tsa rona.

21. Samuele a utlwa polelo tsohle tsa setjhaba, mme a di kgutlisetsa tsebeng tsa Jehova.

22. Mme Jehova a re ho Samuele: Utlwa mantswe a bona, o ba kgethele morena. Ebile Samuele o re ho banna ba Iseraele: E mong le e mong a kgutlele motseng wa habo.