BIBELE e Halalelang

1 Samuele 8:10-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ebile Samuele o beela setjhaba, se kopileng morena ho yena, mantswe wohle a Jehova.

11. A re: Ke wona mokgwa wa morena ya tla busa hodima lona: o tla nka bara ba lona, a ba bee makoloing a hae, a ba etse bapalami ba hae, ba bang ba mathe pela makoloi a hae.

12. O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.

13. O tla nka baradi ba lona, hore ba bang ba lokise ditlolo, ba bang ba apehe dinama, ba bang ba apehe mahobe.

14. O tla nka le masimo a lona, le merara ya lona, le mehlwaare ya lona e metle, a e nee bahlanka ba hae.

15. O tla nka karolo ya leshome ya dipeo tsa lona, le ya merara ya lona, a e nee matona a hae le bahlanka ba hae.

16. O tla nka bahlanka ba lona le makgabunyane a lona, le bahlankana ba lona ba batle, le diesele tsa lona, a itshebeletse ka tsona.

17. O tla nka karolo ya leshome ya mehlape ya lona, le be bahlanka ba hae.

18. Mohlang oo, le tla lla ka baka la morena wa lona eo le ikgethetseng yena, empa Jehova a ke ke a le utlwa mohlang oo.