BIBELE e Halalelang

1 Samuele 7:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Yaba Samuele o nka konyana e anyang, a e hlabela Jehova ka mokgwa wa setjheso se tjheswang kaofela. Samuele a ntoo howeletsa ho Jehova bakeng sa Iseraele, mme Jehova a mo utlwa.

10. Eitse ha Samuele a ntse a etsa setjheso, Bafilesta ba atamela ho lohlanya ntwa le Baiseraele. Yaba Jehova o dumisetsa Bafilesta diaduma tse tshabehang tsatsing leo, a ba ferekanya, ba ba ba baleha pela Baiseraele.

11. Jwale, banna ba Iseraele ba tswa Mitspe, ba phallela Bafilesta, mme ba ba bolaya ho ya fihla tlasa Bethe-Kare.

12. Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.

13. Kahoo, Bafilesta ba kokobetswa, ba se ke ba hlola ba etla naheng ya Iseraele, mme letsoho la Jehova la eba boima hodima Bafilesta ka ditshiu tsohle tsa Samuele.

14. Metse eo Bafilesta ba neng ba e hapile ea Iseraele, ya boela ho Iseraele, ho qala ka Ekrone, ho isa Gathe, le naha tsa teng; Baiseraele ba di hapa matsohong a Bafilesta, mme kgotso ya eba teng mahareng a Baiseraele le Baamore.

15. Haele Samuele, a ahlolela Iseraele ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

16. Ka selemo se seng le se seng, o ne a ya le metse ho isa Bethele, le Gilgale, le Mitspe, a ahlolela Baiseraele metseng eo kaofela.

17. O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.