BIBELE e Halalelang

1 Samuele 7:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ebile Baiseraele ba tlosa boBaale le Diashtarothe, mme ba sebeletsa Jehova a nnotshi.

5. Yaba Samuele, o re: Phuthelang Baiseraele bohle Mitspe, ke tle ke le rapelle ho Jehova teng.

6. Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.

7. Bafilesta ha ba utlwa hore bana ba Iseraele ba phuthehile Mitspe, marena a Bafilesta a tswa, a futuhela Iseraele. Bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, ba tshaba Bafilesta.

8. Ebile bana ba Iseraele ba re ho Samuele: O se ke wa lesela ho re hoelletsa ho Jehova, Modimo wa rona, a tle a re namolele matsohong a Bafilesta.

9. Yaba Samuele o nka konyana e anyang, a e hlabela Jehova ka mokgwa wa setjheso se tjheswang kaofela. Samuele a ntoo howeletsa ho Jehova bakeng sa Iseraele, mme Jehova a mo utlwa.

10. Eitse ha Samuele a ntse a etsa setjheso, Bafilesta ba atamela ho lohlanya ntwa le Baiseraele. Yaba Jehova o dumisetsa Bafilesta diaduma tse tshabehang tsatsing leo, a ba ferekanya, ba ba ba baleha pela Baiseraele.

11. Jwale, banna ba Iseraele ba tswa Mitspe, ba phallela Bafilesta, mme ba ba bolaya ho ya fihla tlasa Bethe-Kare.

12. Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.