BIBELE e Halalelang

1 Samuele 7:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile banna ba Kiryathe-Jearime ba tla, ba lata areka ya Jehova, ba e isa tlung ya Abinadabe, e leralleng, mme ba kgetha Eleasare mora wa hae, hore a boloke areka ya Jehova.

2. Ha ho le jwalo, areka ya Jehova ya dula Kiryathe-Jearime matsatsi a mangata, ya eba dilemo tse mashome a mabedi. Mohlang oo, bohle ba ntlo ya Iseraele ba hlolohelwa Jehova.

3. Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.

4. Ebile Baiseraele ba tlosa boBaale le Diashtarothe, mme ba sebeletsa Jehova a nnotshi.

5. Yaba Samuele, o re: Phuthelang Baiseraele bohle Mitspe, ke tle ke le rapelle ho Jehova teng.

6. Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.

7. Bafilesta ha ba utlwa hore bana ba Iseraele ba phuthehile Mitspe, marena a Bafilesta a tswa, a futuhela Iseraele. Bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, ba tshaba Bafilesta.