BIBELE e Halalelang

1 Samuele 6:14-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Koloi ya fihla tshimong ya Joshua, motho wa Bethe-Shemeshe, ya ema teng, moo lefika le leholo le leng teng. Ebile ba ratha difate tsa koloi, ba etsetsa Jehova setjheso ka dikgomo.

15. Balevi ba theosa areka ya Jehova, le kese le leng pela yona le nang le ditshwantsho tsa kgauta, mme ba di bea lefikeng le leholo; banna ba Bethe-Shemeshe ba ntoo etsetsa Jehova ditjheso, ba mo hlabela le mahlabelo tsatsing leo.

16. Mme marena a mahlano a Bafilesta, hobane a bone hoo, a kgutlela Ekrone ka lona tsatsi leo.

17. Ke tsena ditshwantsho tsa kgauta tsa diso, tseo Bafilesta ba di ntsheditseng Jehova ka mokgwa wa sehlabelo sa molato, se seng e le sa Ashdode, se seng e le sa Gasa, se seng e le sa Ashkelone, se seng e le sa Gathe, se seng e le sa Ekrone.

18. Haele ditweba tsa kgauta, tsa eba ka ka bongata ba metse yohle ya Bafilesta e buswang ke marena a mahlano, ha ho bolelwa metse e marako, le metsana e naheng, ho ya fihla lefikeng le leholo, moo ba kileng ba bea areka ya Jehova teng; le kajeno le sa le teng tshimong ya Joshua wa Bethe-Shemeshe.

19. Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng [le ba dikete tse mashome a mahlano], mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.

20. Ebile banna ba Behte-Shemeshe ba re: Ho ka ema mang pela Jehova, Modimo oo o halalelang? Areka e tla ya ho mang, ha e tloha ho rona?