BIBELE e Halalelang

1 Samuele 6:10-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ebile banna ba etsa jwalo; ba nka dikgomo tsa ditswetse tse pedi, ba di bofa koloing, ba hlahlela manamane a tsona hae.

11. Ba ntoo bea areka ya Jehova koloing, hammoho le kese le nang le ditweba tsa kgauta, le ditshwantsho tsa diso tsa bona.

12. Haele dikgomo, tsona tsa loka tsela ya Bethe-Shemeshe, tsa nna tsa ya ka mmila o le mong, di ntse di lla, di sa kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi, marena a Bafilesta a di setse morao, ho ya fihla moeding wa Bethe-Shemeshe.

13. Haele ba Bethe-Shemeshe, ba be ba hela koro tsa bona sekgutlong; ha ba emisa mahlo, ba bona areka, mme ba thaba, ha ba e bona.

14. Koloi ya fihla tshimong ya Joshua, motho wa Bethe-Shemeshe, ya ema teng, moo lefika le leholo le leng teng. Ebile ba ratha difate tsa koloi, ba etsetsa Jehova setjheso ka dikgomo.

15. Balevi ba theosa areka ya Jehova, le kese le leng pela yona le nang le ditshwantsho tsa kgauta, mme ba di bea lefikeng le leholo; banna ba Bethe-Shemeshe ba ntoo etsetsa Jehova ditjheso, ba mo hlabela le mahlabelo tsatsing leo.

16. Mme marena a mahlano a Bafilesta, hobane a bone hoo, a kgutlela Ekrone ka lona tsatsi leo.