BIBELE e Halalelang

1 Samuele 6:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Areka ya Jehova e ne e se e dutse kgwedi tse supileng naheng ya Bafilesta,

2. ha Bafilesta ba mema baprista le dinohe, ba re: Re tla etsang ka areka ya Jehova na? Re tsebiseng kamoo re ka e kgutlisetsang kateng ha habo yona.

3. Ebile ba re: Ha le kgutlisa areka ya Modimo wa Iseraele, le se ke la e kgutlisa e le feela, le mpe le o hlahisetse sehlabelo sa molato; kahoo le tla fola, kapa le tla tseba seo letsoh la wona le sa le tloheleng ka baka la sona.

4. Moo ba re: Sehlabelo sa molato e ka ba eng, seo re tla se busetsa ho wona na? Ba re: E tla ba ditshwantsho tse hlano tsa kgauta tsa diso, le ditweba tse hlano tsa kgauta, ka ho lekanya palo ya marena a Bafilesta, etswe le hlahetswe ke lefu le le leng bohle, ka wona marena a lona.

5. Le etse ditshwantsho tsa diso tsa lona, le ditshwantsho tsa ditweba tsa lona tse senyang naha. Ke hona le tla hlompha Modimo wa Iseraele; ekaba o tla tlosa letsoho la wona ho lona, le ho medimo ya lona, le ho lefatshe la lona.

6. Ho ka thusang, leha le ka thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba kile ba thatafatsa dipelo tsa bona? Ana ha ba ba ka ba tlohelwa, ba itsamaela, mohla a etsang ka matla hara bona na?

7. Jwale, etsang koloi e ntjha; le nke le dikgomo tsa ditswetse tse pedi tse esong ho kenngwe jokong; le di bofe koloing; le kgethe manamane a tsona, le a ise hae.

8. Le nke areka ya Jehova, le e bee koloing; le bee le ditshwantsho tsa kgauta, tseo le mo ntshetsang tsona ka mokgwa wa sehlabelo sa molato, keseng le leng, pela areka, mme le e tlohele, e ikele.

9. Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.