BIBELE e Halalelang

1 Samuele 5:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Banna ba Ashdode, ha ba bona hobane ho jwalo, ba re: Areka ya Modimo wa Iseraele e ke ke ya dula hara rona, etswe letsoho la hae le le boima hodima rona, le ho Dagone, modimo wa rona.

8. Yaba ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Re tla etsang ka areka ya Modimo wa Iseraele? A araba, a re: Areka ya Modimo wa Iseraele a e ke e iswe Gathe. Mme areka ya Modimo wa Iseraele ya iswa teng.

9. Yare e sa iswa, letsoho la Jehova la hlahisa tsietsi e kgolo motseng, a otla banna ba motse ba baholo le ba banyenyane, ba tswa diso.

10. Yaba ba romela areka ya Modimo Ekrone. Eitse ha areka ya Modimo e kena Ekrone, ba Ekrone ba bokolla, ba re: Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Iseraele, ba tle ba re timeste le setjhaba sohle sa heso.

11. Ka baka lena, ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Kgutlisang areka ya Modimo wa Iseraele, e ke e boele ha habo yona, e tle e se ke ya re bolaya le setjhaba sa heso. Hobane letsoso le leholo le ne le wetse motse wohle, le letsoho la Jehova le ne le le boima haholo teng.

12. Haele banna ba sa kang ba eshwa, ba otlwa ka diso, seboko sa motse sa ba sa nyolohela lehodimong.