BIBELE e Halalelang

1 Samuele 5:6-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Empa letsoho la Jehova la eba boima hodima ba Ashdode; a senya, a otla ba Ashdode le ba mathoko a teng ka diso.

7. Banna ba Ashdode, ha ba bona hobane ho jwalo, ba re: Areka ya Modimo wa Iseraele e ke ke ya dula hara rona, etswe letsoho la hae le le boima hodima rona, le ho Dagone, modimo wa rona.

8. Yaba ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Re tla etsang ka areka ya Modimo wa Iseraele? A araba, a re: Areka ya Modimo wa Iseraele a e ke e iswe Gathe. Mme areka ya Modimo wa Iseraele ya iswa teng.