BIBELE e Halalelang

1 Samuele 5:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.

2. Bafilesta ha ba se ba ile le areka ya Modimo, ba e kenya tlung ya Dagone, ba e bea mabapa le Dagone.

3. Empa ba Ashdode ha ba tsoha hosasa, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova. Yaba ba nka Dagone, ba mmusetsa tulong tsa hae.

4. Ha ba boela ba tsoha e sa le ka meso ka la hosasane, ba bona Dagone a boetse a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, hlooho ya Dagone le diatla tse pedi tsa hae di kgaohile, di le pela monyako, ho setse setopo sa hae feela.

5. Ke ka baka leo baprista ba Dagone, leha e le bohle ba kenang tlung ya Dagone, ba sa hateng sefate sa monyako wa Dagone, Ashdode, ho fihlela kajeno.