BIBELE e Halalelang

1 Samuele 31:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Lehlahana la hae ha le bona hobane Saule o shwele, le lona la itihela hodima sabole ya lona, la eshwa hammoho le yena.

6. Saule a shwa jwalo ka lona tsatsi leo, le bara ba hae ba bararo, le lehlahana la hae, hammoho le banna bohle ba hae.

7. Haele banna ba Iseraele ba mose wane ho kgohlo, le ba mose wane ho Jordane, ha ba bona hobane banna ba Iseraele ba balehile, le hobane ho shwele Saule le bara ba hae, ba furalla metse, ba baleha, mme Bafilesta ba kena ho yona, ba dula teng.

8. Hosasa, ha Bafilesta ba tla hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba wele thabeng ya Gilboa.

9. Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa le dihlomo tsa hae, mme ba romela kahohle naheng ya Bafilesta, ho tsebisa ditaba tseo matlung a medimo ya bona le hara setjhaba.

10. Ba bea dihlomo tsa hae tlung ya Ashtarothe, mme ba fanyeha setopo sa hae lerakong la Bethe-Shane.

11. Ba ahileng Jabeshe-Gileade, ha ba utlwa kamoo Bafilesta ba entseng ka Saule kateng,

12. banna bohle ba matla ba tloha, ba nyenya le bosiu bohle, ba nka setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bethe-Shane, ba di tlisa Jabeshe, ba di tjhesa teng.

13. Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamariske Jabeshe, ba ba ba itima dijo ka matsatsi a supileng.