BIBELE e Halalelang

1 Samuele 30:8-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.

9. Kahoo, Davida a tsamaya, a ena le batho ba makgolo a tsheletseng ba nang le yena, a ba a fihla molapong wa Besore; teng ha ema marao.

10. Haele Davida, a nna a phalla, a ena le batho ba makgolo a mane, hobane ho ne ho setse ba makgolo a mabedi ba kgathetseng, ba sitwang ho tshela molapo wa Besore.

11. Ba fumana Moegepeta e mong naheng, ba mo tlisa ho Davida; ba mo nea bohobe, a ja, ba mo nosa le metsi.

12. Ba mo nea le thathana ya polokwe ya difeiye le masihla a mabedi a merara, a ja, a boela a tsoha matla; hobane e be e se e le matsatsi a mararo le masiu a mararo a se a sa je bohobe, a sa nwe metsi.

13. Davida a re ho yena: O motho wa mang? O tswa kae na? A re: Ke mohlankana wa Moegepeta, ke mohlanka wa motho wa Amaleke; monga ka o ntshiile, ke hobane ke ne ke kula e se e le tshiu tse tharo.

14. Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.