BIBELE e Halalelang

1 Samuele 30:18-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Davida a namolela tsohle tse hapilweng ke Baamaleke: Davida a namolela le basadi ba hae ba babedi.

19. Ba se ke ba haellwa ke letho le lenyenyane leha e le le leholo, leha e le bara ba bona, le baradi ba bona, leha e le phahlo le tsohle tse neng di hapilwe; Davida a boela a di fihlela kaofela.

20. Davida a hapa le manku wohle, le makgomo, ba a kganna, ba a bea pele ho mehlape e meng, ba re: Ke yona kgapo ya Davida.

21. Davida ha a kgutlela ho banna bao ba makgolo a mabedi ba sitilweng ke mokgathala ho sala Davida morao, e leng ba setseng molapong wa Besore, ba tswela ho kgahlanyetsa Davida le ho kgahlanyetsa setjhaba seo a nang le sona; mme Davida ha a ba atamela, a ba dumedisa.

22. Empa batho ba babe le ba Beliale bohle ba tsamayang le Davida ba bua, ba re: Ka baka la hobane bao ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa seo re se hlakodisitseng sa rona, haese hore feela e mong le e mong a nke mosadi wa hae le bana ba hae, ba ye le bona, ba itsamaele.