BIBELE e Halalelang

1 Samuele 30:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.

2. Ba ne ba tshwere basadi ba teng, ba sa ka ba bolaya motho, leha e le e monyenyane, leha e le e moholo; ba ne ba ile le bona, ba itsamaetse ka tsela ya bona.

3. Eitse ha Davida le banna ba hae ba fihla hae motseng, ba o fihlela o tjhesitswe, le basadi ba bona le bara ba bona le baradi ba bona ba isitswe kgolehong.

4. Ebile Davida le setjhaba se ho yena ba lla, ba bokolla, ho fihlela ba ba ba fellwa ke matla a ho lla.

5. Le basadi ba babedi ba Davida ba ne ba hapilwe, e le Akinohame wa Jisreele le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.

6. Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.

7. Ebile Davida o re ho moprista Abiathare, mora Akimeleke: Ako atametse efoda pela ka. Abiathare a atametsa efoda pela Davida.

8. Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.

9. Kahoo, Davida a tsamaya, a ena le batho ba makgolo a tsheletseng ba nang le yena, a ba a fihla molapong wa Besore; teng ha ema marao.

10. Haele Davida, a nna a phalla, a ena le batho ba makgolo a mane, hobane ho ne ho setse ba makgolo a mabedi ba kgathetseng, ba sitwang ho tshela molapo wa Besore.

11. Ba fumana Moegepeta e mong naheng, ba mo tlisa ho Davida; ba mo nea bohobe, a ja, ba mo nosa le metsi.

12. Ba mo nea le thathana ya polokwe ya difeiye le masihla a mabedi a merara, a ja, a boela a tsoha matla; hobane e be e se e le matsatsi a mararo le masiu a mararo a se a sa je bohobe, a sa nwe metsi.