BIBELE e Halalelang

1 Samuele 3:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Jehova a boela a bitsa Samuele la boraro. Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Moo Eli a lemoha hoba ke Jehova ya bitsang mohlankana.

9. Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: Eya, o robale; etlere ha o bitswa, o re: Bua Jehova, mohlanka wa hao o mametse. Yaba Samuele o a ya, a robala sebakeng sa hae.

10. Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse.

11. Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma.

12. Mohlang oo, ke tla hlahisetsa Eli tsohle tseo ke di buileng hodima ntlo ya hae, tsa ho qala le tsa ho qetella.

13. Ke se nkile ka mo tsebisa hobane ke tla ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela; hobane leha a ne a ntse a tseba bokgopo ba bara ba hae, kamoo ba ntseng ba ipha bolotsana kateng, ha a ka a ba tshwara.

14. Ke kahoo ke anetseng ntlo ya Eli, ka re: Bokgopo ba ntlo ya Eli ha bo ka ke ba hlatsuwa ka mahlabelo, leha e le ka nyehelo, le ka mohla o le mong.

15. Samuele a robala, ya ba ya eba hosasa; a ntoo bula mamati a ntlo ya Jehova; Samuele a mpa a tshaba ho tsebisa Eli pono ya hae.

16. Empa Eli a bitsa Samuele, a re: Samuele, ngwana ka! Samuele a araba, a re: Ke nna enwa.

17. Eli a re: Taba ke efe eo a o boleletseng yona? O se ke wa mpatela. Modimo o o etse ka hore le ka hore, ha o ka mpatela taba e nngwe ya tsohle tseo o o boleletseng tsona.

18. Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.

19. Haele Samuele, o ne a ntse a hola, mme Jehova a ba le yena, a se ke a lahlela fatshe letho la taba tsohle tseo a di boletseng.

20. Baiseraele bohle, ho qala ka Dane, ho isa Beerseba, ba tseba hobane Samuele o beilwe moporofeta wa Jehova.