BIBELE e Halalelang

1 Samuele 29:8-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Davida a re ho Akishe: Ke entseng, mme o fumaneng ho mohlanka wa hao, haesale ke le pela hao, ho fihlela la kajeno, ha ke sa lokele ho ya lwantsha dira tsa morena, monga ka na?

9. Akishe a fetola, a re ho Davida: Ke a tseba hobane o rateha ho nna jwaloka lengeloi la Modimo; leha ho le jwalo, marena a Bafilesta a boletse bakeng sa hao, ba itse, o se ke wa ya le rona ntweng.

10. Jwale, o ke o tsohele hosasa le bona bahlanka ba monga hao ba tsamayang le wena, mme ha le tsohetse hosasa, ha bo esa, le tsamaye.

11. Ka baka leo, Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le hosasa, hore ba kgutlele naheng ya Bafilesta; Bafilesta bona ba ya Jisreele.