BIBELE e Halalelang

1 Samuele 29:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale Bafilesta ba kgobokanyetsa makgotla wohle a bona Afeke; Baiseraele bona ba emisa sedibeng se Jisreele.

2. Marena a Bafilesta a ya teng ka makgolo le ka dikete tsa wona; yena Davida le banna ba hae ba leba teng, ba ba setse morao le Akishe.

3. Marena a Bafilesta a mpa a re: Baheberu bao ba etsang moo? Akishe a re ho marena a Bafilesta: Na eo hase Davida, mohlanka wa Saule, morena wa Iseraele, ya nnileng a dula le nna, e se e le ditshiu tse itseng le lemo tse itseng, eo ke esong ho fihlele molato ho yena, haesale a kwenehela ho nna, ho fihlela la kajeno?

4. Marena a Bafilesta a mpa a mo halefela, mme marena a Bafilesta a re ho yena: Kgutlisa monna eo, a kgutlele moo o mmeileng teng, a se ke a ya ntweng le rona, esebe mohlomong a ka tshoha a iphetola lehlabaphio ho rona hara ntwa. Ana e ka ba ka mokgwa ofe a ka iketsang ya kgahlisang monga hae, haese ka dihlooho tsa banna bana na?

5. Na hase Davida elwa eo ba neng ba dumelana, ha ba hobela, ba re: Saule o bolaile kete tsa hae, Davida yena o bolaile dikete tsa hae tse mashome na?

6. Ebile Akishe o bitsa Davida, a re ho yena: Ka Jehova ya utlwang, o bile motho ya lokileng; ke rata ha ke o bona o kena le ho tswa le nna diahelong, hobane ha ke eso ho fihlele molato ho wena, haesale o etla ho nna, ho fihlela la kajeno; empa marena ha a o rate.