BIBELE e Halalelang

1 Samuele 22:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile Davida o tloha teng, a balehela lehaheng la Adullame; mme banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ha ba utlwa, ba theohela teng ho yena.

2. Hape, ha phuthehela ho yena bohle ba ditsietsing, le bohle ba nang le melato, le bohle ba pelo di ngongorehang, ya eba yena mong a bona, ya batla e eba batho ba makgolo a mane.

3. Davida a ntoo tloha teng, a ya Mitspe wa Moabe, a re ho morena wa Moabe: Ntate le mme ba ke ba tle, ba dule le lona, ke be ke tsebe seo Modimo o tla nketsa sona.

4. Kahoo, a ba tlisa pela morena wa Moabe, ba ahella ho yena ka tshiu tsohle tseo Davida a di dutseng seqhobong.

5. Moporofeta Gade a re ho Davida: O se ke wa dula seqhobong: tsamaya, o ye fatsheng la Juda. Davida a tsamaya kahoo, a tla morung wa Herethe.

6. Saule a utlwa hobane Davida o utlwahetse le banna bao a nang le bona; ke ha Saule a le Gibea, tlasa sefate sa tamariske, leralleng, a tshwere lerumo la hae, bahlanka bohle ba hae ba eme pela hae.

7. Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,

8. haele moo le dumellane kaofela ha lona ho nkwenehela, ho se le a mong ya ntsebisang hobane le mora ka o hlabile selekane le mora Jese, ho se le a mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, leha e le ya ntsebisang hobane mora ka o ntsoseditse mohlanka wa ka ho ntalla, jwalokaha ho le jwale na?

9. Ebile Doege, Moedomo, ya emeng le bahlanka ba Saule, o re: Ke bone mora Jese a etla Nobe ho Akimeleke, mora Akitube.

10. Akimeleke o mmotseditse Jehova, a mo nea le mofaho, a mo nea le sabole ya Mofilesta Goliathe.

11. Ebile morena o romela ho bitsa Akimeleke, mora Akitube, moprista, le bohle ba ntlo ya ntatae, e leng baprista ba leng Nobe. Ba tla kaofela ha bona ho morena.

12. Saule a re: Utlwa jwale, wena, mora Akitube! Akimeleke a re: Ke nna enwa, monga ka!

13. Saule a re ho yena: Le dumellane keng le mora Jese ho nkwenehela, kamoo o mo neileng bohobe le sabole kateng, wa ba wa mmotsetsa Modimo, e le hore a tlohe, a tle a ntalle, jwalokaha ho le jwale?