BIBELE e Halalelang

1 Samuele 21:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: Na eo hase Davida, morena wa lefatshe na? Na hase yena eo ba neng ba dumelana, ba hobela, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile kete tsa hae tse mashome na?

12. Davida a nahana taba tseo pelong ya hae, a tshaba Akishe, morena wa Gathe, haholo.

13. Ha ho le jwalo, a ikgakanya pontsheng ya bona, a iketsa lehlanya hara bona, a ngola mamating a monyako, a dutlisa dinqhenqhe, tsa dutlela tedung tsa hae.

14. Ebile Akishe o re ho bahlanka ba hae: Bonang, monna enwa o a hlanya; le mo tliseditseng ho nna?

15. Kapa le re, ke hloka mahlanya, ha le tlisitse eo hore a etse ketso tsa bohlanya pela ka na? Na ya jwalo a ka kena tlung ya ka na?