BIBELE e Halalelang

1 Samuele 21:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Davida a ya Nobe, ho moprista Akimeleke; Akimeleke a tshoha, ha a teana le Davida, a re ho yena: Ho ya kang ha o le nnotshi, o se na motho le a mong?

2. Davida a re ho moprista Akimeleke: Morena o ntaetse taba, a re ho nna: Ho se ke ha tseba motho taba eo ke o romang yona, le seo ke o laetseng sona. Ke kahoo ke laetseng bahlankana ba ka baka se itseng.

3. Keng eo o nang le yona matsohong a hao? Mphe dipolokwe tse hlano, leha e le ho hong ho ka fumanwang.

4. Moprista a araba Davida, a re: Ha ke na bohobe feela; bo leng teng ke bohobe bo kgethehileng, ha ekaba bahlankana ba ipolokile basading.

5. Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng.

6. Yaba moprista o mo fa bohobe bo kgethehileng, etswe ho ne ho se bohobe teng, haese bohobe ba pontsha bo tlositsweng pela Jehova, hore ho bewe bohobe bo futhumetseng ha bo bong bo tloswa.

7. Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.

8. Davida a re ho Akimeleke: Ana ha ho lerumo, leha e le sabole moo ho wena na? Hobane ha ke a ka ka nka sabole ya ka, leha e le dihlomo tsa ka, hobane taba ya morena e be e mphakisisa.