BIBELE e Halalelang

1 Samuele 19:5-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?

6. Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa.

7. Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.

8. Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.

9. Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.

10. Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo.

11. Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa.

12. Mikale a ba a theosa Davida ka fenstere. A ikela jwalo, a thoba, a phonyoha.

13. Mikale a nka terafime, a e kenya diphateng tsa Davida, a e rwesa boya ba podi hloohong, a e apesa le ka kobo.

14. Saule a romela manqosa ho tshwara Davida; Mikale a mpa a re: O bohloko.

15. Saule a boela a romela manqosa ao ho bona Davida, a re: Le ntlisetse yena ka diphateng tsa hae, a tle a bolawe.

16. Manqosa ha a kena, a bona ho le tarafime diphateng, e rwesitswe boya ba podi hloohong.

17. Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng?

18. Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe.

19. Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o Najothe, haufi le Rama.

20. Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.

21. Ha tsebiswa Saule, a ba a roma manqosa a mang; le wona a porofeta. Saule a eketsa a roma manqosa la boraro, mme le wona a porofeta.

22. Le yena Saule a tla Rama; ha a fihla sedibeng se seholo se Seku, a botsa, a re: Na Samuele le Davida ba hokae na? A bolellwa, ha thwe: Ke bane Najothe, haufi le Rama.