BIBELE e Halalelang

1 Samuele 19:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe.

19. Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o Najothe, haufi le Rama.

20. Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.

21. Ha tsebiswa Saule, a ba a roma manqosa a mang; le wona a porofeta. Saule a eketsa a roma manqosa la boraro, mme le wona a porofeta.

22. Le yena Saule a tla Rama; ha a fihla sedibeng se seholo se Seku, a botsa, a re: Na Samuele le Davida ba hokae na? A bolellwa, ha thwe: Ke bane Najothe, haufi le Rama.

23. A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama.

24. Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?