BIBELE e Halalelang

1 Samuele 19:11-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa.

12. Mikale a ba a theosa Davida ka fenstere. A ikela jwalo, a thoba, a phonyoha.

13. Mikale a nka terafime, a e kenya diphateng tsa Davida, a e rwesa boya ba podi hloohong, a e apesa le ka kobo.

14. Saule a romela manqosa ho tshwara Davida; Mikale a mpa a re: O bohloko.

15. Saule a boela a romela manqosa ao ho bona Davida, a re: Le ntlisetse yena ka diphateng tsa hae, a tle a bolawe.

16. Manqosa ha a kena, a bona ho le tarafime diphateng, e rwesitswe boya ba podi hloohong.

17. Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng?

18. Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe.

19. Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o Najothe, haufi le Rama.

20. Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.

21. Ha tsebiswa Saule, a ba a roma manqosa a mang; le wona a porofeta. Saule a eketsa a roma manqosa la boraro, mme le wona a porofeta.

22. Le yena Saule a tla Rama; ha a fihla sedibeng se seholo se Seku, a botsa, a re: Na Samuele le Davida ba hokae na? A bolellwa, ha thwe: Ke bane Najothe, haufi le Rama.

23. A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama.

24. Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?