BIBELE e Halalelang

1 Samuele 19:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.

2. Ka baka leo, Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule ntate o pheheletse ho o bolaya; jwale o ipoloke, e be e be hosasane, mme o itulele sephiring, o ipate.

3. Haele nna, ke tla tswa ke eme mabapa le ntate tshimong eo o tla ba ho yona, ke tle ke o buelle ho ntate, mme seo ke se bonang, ke tla o tsebisa sona.

4. Ha ho le jwalo, Jonathane a bua hantle bakeng sa Davida ho Saule, ntatae, a re ho yena: Morena a se ke a sitelwa mohlanka wa hae Davida, etswe a sa ka a o sitelwa ka letho, le diketso tsa hae di o thusitse haholo.

5. O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?

6. Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa.

7. Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.

8. Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.