BIBELE e Halalelang

1 Samuele 18:5-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Davida a nna a futuhela hohle moo Saule a mo romang, mme kahohle a etsa ka masene; Saule a mmea le molaodi wa banna ba ntwa; mme setjhaba sohle le bahlanka ba Saule ba kgahlwa ke yena.

6. Yare mohla ho boelwang hae, ha Davida a kgutla polaong ya Mofilesta, basadi ba tswa ka metse yohle ya Iseraele, ho tla kgahlanyetsa morena Saule ka meropa le diphala, ba bina, ba hobela, ba thabile.

7. Basadi bao ha ba letsa, ba dumelana, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile mashome a dikete tsa hae.

8. Saule a hlonama haholo ke hona, mme ntswe leo la mo kgobohetsa, a re: Ba neile Davida mashome a dikete, mme nna ba nneile dikete feela; jwale, ha a sa hloka letho, haese mmuso feela.

9. Saule a honohela Davida ke hona, haesale mohlang oo, ho ya ho ile.

10. Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.

11. Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.

12. Yaba Saule o tshaba Davida ha a bona hobane Jehova o ho yena, athe yena o mo furaletse.

13. Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.

14. Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.

15. Ka baka leo, Saule, ha a bona hobane Davida o etsa ka masene a maholo, a eketsa ho mo tshaba.

16. Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.

17. Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.

18. Davida a re ho Saule: Nna ke mang, ke motho ya jwang, le moloko wa ntate Iseraele keng, hore ke etswe mokgwenyana wa morena?