BIBELE e Halalelang

1 Samuele 18:22-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Saule a ntoo laela bahlanka ba hae hore ba bue le Davida sephiring, ka ho re: Bona, morena o o thabetse, le bahlanka ba hae bohle ba o rata; jwale, o be mokgwenyana wa morena.

23. Bahlanka ba Saule ba bolella Davida taba tseo. Davida a re: Hleka le lekanya eka ke taba e bonolo ho ba mokgwenyana wa morena, ke le motho ya fumanehileng, ya sa hlomphuweng na?

24. Bahlanka ba Saule ba mo tsebisa, ba re: Davida o buile ka hore le ka hore.

25. Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.

26. Bahlanka ba hae ba tsebisa Davida taba tseo, mme taba ena ya kgahla Davida hore e be mokgwenyana wa morena. Tshiu tsa teng ha di eso ho fele,

27. Davida a tloha, a tsamaya, a ena le batho ba hae, mme a bolaya makgolo a mabedi a Bafilesta; Davida a kgutla le bongala jwa bona, a bo tlisa kaofela ha bona ho morena, e le hore e be mokgwenyana wa morena ka hona; ka baka lena, Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, ho ba mosadi wa hae.

28. Kahoo, Saule a bona, a tseba hobane Jehova o na le Davida; mme Mikale, moradi wa Saule, a mo rata.

29. Saule a eketsa ke hona ho tshaba Davida haholo, mme Saule a iketsa sera sa kamehla ho Davida.

30. Enere ha marena a Bafilesta a futuha, mohla a futuhang, Davida o ne a etsa ka masene, ho fetisa bahlanka bohle ba Saule, bitso la hae la ba la tuma haholo.