BIBELE e Halalelang

1 Samuele 17:45-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

45. Davida a re ho Mofilesta: O tlile ho nna ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; nna, ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa makgotla, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.

46. Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.

47. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.

48. Ebile ke moo Mofilesta a tlohang, a tla, a atamela ho kgahlanyetsa Davida; Davida yena a phakisa a titimela ntweng, ho ya kgahlanyetsa Mofilesta.

49. Jwale, Davida a kenya letsoho pataneng, a ntsha lejwe teng, a le betsa ka letjeketjane, mme a otla Mofilesta phatleng; lejwe la dikella phatleng ya hae, mme a wela fatshe ka sefahleho.

50. Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.