BIBELE e Halalelang

1 Samuele 17:44-58 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

44. Mofilesta a eketsa a re ho Davida: Tloo ho nna, ke nee dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha nama tsa hao.

45. Davida a re ho Mofilesta: O tlile ho nna ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; nna, ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa makgotla, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.

46. Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.

47. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.

48. Ebile ke moo Mofilesta a tlohang, a tla, a atamela ho kgahlanyetsa Davida; Davida yena a phakisa a titimela ntweng, ho ya kgahlanyetsa Mofilesta.

49. Jwale, Davida a kenya letsoho pataneng, a ntsha lejwe teng, a le betsa ka letjeketjane, mme a otla Mofilesta phatleng; lejwe la dikella phatleng ya hae, mme a wela fatshe ka sefahleho.

50. Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.

51. Ebile Davida o titima, a ema ho Mofilesta; a nka sabole ya hae, a e pshemola selateng sa yona, a mmolaya, a mo kgaola hlooho ka yona. Bafilesta bohle ha ba bona hobane senatla sa bona se shwele, ba baleha.

52. Banna ba Iseraele le ba Juda ba ema, ba hlaba ditlatse, ba phallela Bafilesta, ho isa sekgutlong le kgorong tsa Ekrone; Bafilesta ba nna ba wa ba hlabilwe, ho ya le tsela ya Shaaraime, ho ya fihla Gathe le Ekrone.

53. Bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela Bafilesta, ba hapa le diahelo tsa bona.

54. Haele Davida, a nka hlooho ya Mofilesta a e isa Jerusalema; le dihlomo tsa hae a di bea tenteng ya hae.

55. Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.

56. Morena a re: Ako botse hore na mohlankana eo ke mora mang na?

57. Eitse Davida ha a kgutla hobane a bolaye Mofilesta, Abnere a mo nka, a mo isa pela Saule, a sa tshwere hlooho ya Mofilesta.

58. Saule a re ho Yena: Mohlankana, o mora mang? Davida a re: Ke mora mohlanka wa hao Jese, wa Bethlehema.