BIBELE e Halalelang

1 Samuele 17:37-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Davida a eketsa, a re: Jehova ya nnamoletseng marong a tau le marong a bere, o tla nnamolela le matsohong a Mofilesta eo. Ebile Saule o re: Eya, Jehova a be le wena.

38. Saule a apesa Davida diaparo tsa hae tsa ntwa, a mo rwesa heleme ya koporo hloohong, a mo apesa le seaparo sa tshepe.

39. Davida a apara diaparo tsa Saule, a nka le sabole ya hae, a re o tla tsamaya ka tsona, athe o ne a eso ho leke tse jwalo. Yaba o re ho Saule: Ke sitwa ho tsamaya ka tsona, hobane ha ke a di tlwaela. Davida a di hlobola ke hona,

40. a nka molamu wa hae, a ya molapong, a ithonakela majwe a mahlano a boreledi, a a kenya pataneng ya hae, eo a nang le yona, le mokotlaneng wa hae; a atamela Mofilesta, a tshwere letjeketjane la hae.

41. Mofilesta yena a tloha, a ikatametsa ho Davida, monna ya jereng thebe ya hae a mo eteletse pele.

42. Eitse Mofilesta, ha a tadima, a bona Davida, a mo nyedisa hobane e le mohlankana feela e mokhunwana, ya fahleho se setle.

43. Mofilesta a re ho Davida: A ke ntja, ha o tlile ho nna ka melamu? Yaba Mofilesta o rohaka Davida ka medimo ya hae.

44. Mofilesta a eketsa a re ho Davida: Tloo ho nna, ke nee dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha nama tsa hao.

45. Davida a re ho Mofilesta: O tlile ho nna ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; nna, ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa makgotla, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.

46. Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.

47. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.

48. Ebile ke moo Mofilesta a tlohang, a tla, a atamela ho kgahlanyetsa Davida; Davida yena a phakisa a titimela ntweng, ho ya kgahlanyetsa Mofilesta.

49. Jwale, Davida a kenya letsoho pataneng, a ntsha lejwe teng, a le betsa ka letjeketjane, mme a otla Mofilesta phatleng; lejwe la dikella phatleng ya hae, mme a wela fatshe ka sefahleho.