BIBELE e Halalelang

1 Samuele 17:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Le dipolokwe tsena tsa mafi tse leshome, o di ise ho molaodi wa sekete sa bona, mme o bone hore na banabeno ba sa dutse hantle, o ntoo boya le taba bona.

19. Saule, le bona, le banna bohle ba Iseraele ba ne ba le thoteng ya Ela, ba lwana le Bafilesta.

20. Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.

21. Baiseraele le Bafilesta ba hlopholla makgotla ho ya kopanya ntwa.

22. Davida a siya phahlo ya hae matsohong a molebedi wa phahlo, a titimela ntweng; a fihla, a dumedisa banababo.

23. A re a sa bua le bona, a bona monna eo wa monaila, eo lebitso la hae e leng Goliathe wa Gathe, a etla a tloha makgotleng a Bafilesta, a sa bua ka mokgwa ola, Davida le yena a utlwa.

24. Banna ba Iseraele ha ba bona monna eo, ba mmalehela, ba tshaba haholo.

25. Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.