BIBELE e Halalelang

1 Samuele 17:10-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Mofilesta a eketsa, a re: Kajeno, ke nyedisa makgotla a Iseraele; nneeng monna, re lwane le yena.

11. Saule le Baiseraele bohle ha ba utlwa mantswe a Mofilesta eo, ba tshaba, mme ba tshoha haholo.

12. Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.

13. Bara ba Jese ba bararo ba baholo ba ne ba latetse Saule ntweng. Mabitso a bara ba hae ba bararo ba ileng ntweng, la wa matsibolo e ne e le Eliabe, la ya mo hlahlamang e le Abinadabe, la wa boraro e le Shamma.

14. Davida yena e ne e le e monyenyane; baholwane ba hae ba bararo ba ne ba latetse Saule.

15. Davida o ne a etela Saule, a boele a kgutle, ho ya disa dinku tsa ntatae Bethlehema.

16. Haele Mofilesta, o ne a ntse a atamela hosasa le mantsiboya; a itlhahisa jwalo ka matsatsi a mashome a mane.

17. Jese a re ho mora hae Davida: Isetsa banabeno efa ya koro e hadikilweng le dipolokwe tsena tse leshome, o titimele ho banabeno diahelong.

18. Le dipolokwe tsena tsa mafi tse leshome, o di ise ho molaodi wa sekete sa bona, mme o bone hore na banabeno ba sa dutse hantle, o ntoo boya le taba bona.

19. Saule, le bona, le banna bohle ba Iseraele ba ne ba le thoteng ya Ela, ba lwana le Bafilesta.

20. Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.

21. Baiseraele le Bafilesta ba hlopholla makgotla ho ya kopanya ntwa.

22. Davida a siya phahlo ya hae matsohong a molebedi wa phahlo, a titimela ntweng; a fihla, a dumedisa banababo.

23. A re a sa bua le bona, a bona monna eo wa monaila, eo lebitso la hae e leng Goliathe wa Gathe, a etla a tloha makgotleng a Bafilesta, a sa bua ka mokgwa ola, Davida le yena a utlwa.

24. Banna ba Iseraele ha ba bona monna eo, ba mmalehela, ba tshaba haholo.

25. Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.