BIBELE e Halalelang

1 Samuele 16:4-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Samuele a etsa ka polelo ya Jehova; a ya Bethlehema. Ebile baholo ba motse ba mo kgahlanyetsa ba tshohile, ba re: Na o tlile ka kgotso na?

5. A re: Ke tlile ka kgotso ho hlabela Jehova; le ke le itokise, re ye le lona sehlabelong. A lokisa Jese le bara ba hae, mme a ba biletsa sehlabelong.

6. Ha ba fihla, a bona Eliabe, a re: Ruri, motlotsuwa wa Jehova o pela hae.

7. Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.

8. Jese a bitsa Abinadabe, a mo fetisa pela Samuele. Samuele a re: Le enwa Jehova ha a mo kgethe.

9. Jese a fetisa le Shamma; Samuele a re: Le enwa Jehova ha a mo kgethe.

10. Jese a fetisa bara ba hae ba supileng jwalo pela Samuele, empa Samuele a re ho Jese: Jehova bao ha a ba kgethe.

11. Samuele a eketsa a re ho Jese: Na bao ke bara ba hao kaofela na? A re: Ho sa setse e monyenyane; o mpa a disitse dinku. Samuele a re ho Jese: Romela ho mo lata, hobane re ke ke ra dula dijong, a eso ho fihle.

12. A romela ke hona, a mo hlahisa; o ne a le mokgunong, a le mahlo a matle, le ka sebopeho a le motle. Ebile Jehova o re: Tsoha, o mo tlotse, hobane ke yena eo.

13. Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a mo tlotsa hara banababo, mme moya wa Jehova wa tshwara Davida, ho qala tsatsing lona leo.Samuele a ntoo tloha, a ikela Rama.

14. Jwale, moya wa Jehova wa tloha ho Saule, mme moya o mobe o tswang ho Jehova, wa mo ferekanya.

15. Bahlanka ba Saule ba re ho yena: Bona, moya o mobe o tswang ho Modimo o a o ferekanya.

16. Ha ho le jwalo, monga rona, ako laele bahlanka ba hao ba leng pela hao, hore ba batle motho ya tsebang ho letsa harepa; etlere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o etla ho wena, o tla letsa ka letsoho la hae, mme o tla thuseha.

17. Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng motho ya letsang hantle, le mo tlise ho nna.

18. E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.

19. Ebile Saule o romela manqosa ho Jese, a re: Nthomele mora hao Davida, ya disang dinku.

20. Jese a nka esele ya ho belesa bohobe le lekuka la veine le potsanyane, a di romela ho Saule ka mora hae Davida.