BIBELE e Halalelang

1 Samuele 16:14-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Jwale, moya wa Jehova wa tloha ho Saule, mme moya o mobe o tswang ho Jehova, wa mo ferekanya.

15. Bahlanka ba Saule ba re ho yena: Bona, moya o mobe o tswang ho Modimo o a o ferekanya.

16. Ha ho le jwalo, monga rona, ako laele bahlanka ba hao ba leng pela hao, hore ba batle motho ya tsebang ho letsa harepa; etlere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o etla ho wena, o tla letsa ka letsoho la hae, mme o tla thuseha.

17. Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng motho ya letsang hantle, le mo tlise ho nna.

18. E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.

19. Ebile Saule o romela manqosa ho Jese, a re: Nthomele mora hao Davida, ya disang dinku.

20. Jese a nka esele ya ho belesa bohobe le lekuka la veine le potsanyane, a di romela ho Saule ka mora hae Davida.

21. Davida, ha a fihla ho Saule, a fihla a ema pela hae, mme Saule a mo rata haholo, a mmea lehlahana la hae.

22. Saule a ntano romela ho Jese, a re: Davida a ke a eme pela ka, hobane o bone mohau ho nna.

23. Enere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o tlela Saule, Davida o ne a nka harepa, a e letse, mme thuso e ne e hlahela Saule, a ikutlwe monate, mme moya o mobe o mo tlohele.